Thapelo ya hoseng
1 Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.
2 Morena, dira tsa ka
di ngata hakaakang!
Ba bangata ba ntsohelang matla,
3 ba bangata ba buang ka nna, ba re:
“Modimo ha a na ho mo pholosa.”
4 Empa wena Morena,
o thebe e ntshireletsang,
o mpha seriti, o ntsosa molota.
5 Ha ke ipiletsa ho Morena,
o nkaraba a le thabeng ya hae
e halalelang.
6 Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe,
ke be ke itsohele,
hobane Morena o na le nna.
7 Ha ke tshabe diketekete tsa batho
tse ntikileng kamahohle.
8 Thusa, Morena!
O mpholose, Modimo wa ka,
wena ya jabelang
dira tsa ka tsohle marameng,
ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.
9 Pholoho e tswa ho Morena.
Tlhohonolofatso ya hao
e ke e be hodima setjhaba sa hao.