DIPESALEMA 28

Thapelo ya ho ikopela thuso

1 Pesalema ya Davida.

Ke ipiletsa ho wena Morena;

Lefika la ka, ntshekehele tsebe,

esere ha o sa mmamele,

ka ba jwaloka ba theohelang,

ba theohelang lebitleng.

2 Ako utlwe thapedi ya ka,

ha ke o llela,

ke phahamiseditse matsoho a ka

Sehalalelong se halalelang

ka ho fetisisa.

3 Se nkahlole le ba kgopo,

ba etsang tse sa lokang,

ba buisanang le batho ka kgotso,

empa pelo tsa bona di tletse bobe.

4 Ba putse

ho ya ka mesebetsi ya bona,

ho ya ka bobe ba diketso tsa bona;

ba putse ho ya ka mesebetsi,

mesebetsi ya matsoho a bona,

o ba nee tse ba lokelang.

5 Kaha ba sa natse

diketso tsa Morena,

le ho tsotella mesebetsi,

Mesebetsi ya matsoho a hae,

o tla ba tamolla, a ba timetse.

6 Ho bokwe Morena,

hobane o utlwile thapedi ya ka.

7 Morena ke matla a ka le thebe ya ka;

pelo ya ka e mo tshepile,

mme o nthusitse;

pelo ya ka e nyakaletse,

ke mmoka ka dipina.

8 Morena ke matla a setjhaba sa hae,

ke setshabelo se pholosang,

setshabelo sa Motlotsuwa wa hae.

9 Pholosa setjhaba sa hao,

o hlohonolofatse lefa la hao;

o se fepe,

o se pepe kamehla le mehla.