Ho tshepa Modimo
1 Pesalema ya Davida.
Morena ke lesedi la ka
le pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang?
2 Ha ba etsang bobe
ba ntwantsha ho mpolaya,
dira tseo tsa ka le bao ba ntlhoileng
ba a kgothometseha, ba we.
3 Leha nka dikanelwa ke mara,
nke ke ka tshoha letho;
esita leha nka futuhelwa,
le teng ke tla nne ke be le tshepo.
4 Ntho e le nngwe feela
eo ke e kopang,
eo ke e batlang ho Morena,
ke hore ke phele ka tlung ya Morena
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka,
ke tle ke bohe
bokgabane ba Morena,
ke bo nahanisise
ke le ka Tempeleng ya hae.
5 Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa,
a ntshireletse
motlotlwaneng wa hae,
a mpate motsheo ho tente ya hae,
a ntlhwesetse
hodima lefika la pholoho.
6 Jwale ke tla phahamela
dira tsa ka tse ntikileng,
ke tla etsa mohoo wa thabo
ha ke nyehela,
ha ke nyehela ka mahlabelo
ka tenteng ya hae,
ke bine, ke roke Morena.
7 Ako nkutlwe, Morena,
ha ke ipiletsa ho wena;
o nkgauhele, o nkarabe.
8 Pelo ya ka e lohotha wena, e re:
“Batla fahleho sa hae.”
Ruri ke batla fahleho sa hao,
wena Morena.
9 O se mpatele fahleho sa hao;
o se halefele mohlanka wa hao,
wa mo leleka.
Ke wena mothusi wa ka,
o se ke wa ntebela;
o se ke wa ntahla Modimo,
mopholosi wa ka.
10 Leha ntate le mme ba ka ntahla,
Morena o tla nthola.
11 Mpontshe tsela ya hao Morena,
o ntsamaise mmileng o bataletseng,
ka baka la ba ntaletseng.
12 Se tlohele dira tsa ka
ho etsa borata ka nna,
hobane paki tsa bohata
di eme lepaketla
di a nqosa,
di bile di a ntshokela.
13 Ruri Morena o tla ntswela molemo,
a ntswele molemo
lefatsheng la ba phelang.
14 Lebella Morena, o be sebete;
tiya pelo, o lebelle Morena.