Morena o kena Sione
1 Pesalema ya Davida.
Lefatshe ke la Morena
le tsohle tse ho lona,
lefatshe le bohle
ba ahileng ho lona.
2 Ke yena ya le theileng
hodima mawatle,
a le tiisa hodima madiba.
3 Ke mang ya ka nyolohelang
thabeng ya Morena?
Ke mang ya ka emang
Sehalalelong sa hae?
4 Ke ya matsoho a hlokang molato,
ya pelo e hlwekileng,
ya sa lakatseng mafeela,
ya sa hlapanyetseng leshano.
5 O tla fumana lehlohonolo
ho Morena,
le ho loka ho Modimo,
mopholosi wa hae.
6 O jwalo moloko
wa ba batlang Modimo,
ba ratang ho bona fahleho sa hao,
wena Modimo wa Jakobo.
7 Lona menyako, bulehang!
Ipuleng, lona menyako
ya boholoholo,
ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.
8 Kgosi eo e tlotlehang ke mang?
Ke Morena ya matla, wa mohale,
Morena eo e leng mohale ntweng.
9 Lona menyako, bulehang!
Ipuleng, lona menyako
ya boholoholo,
ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.
10 Kgosi eo e tlotlehang ke mang?
Ke Morena wa mabotho,
ke yena Kgosi e tlotlehang.