Morena, ako nee kgosi tlholo
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2 Morena a ke a o arabe
tsatsing la matshwenyeho,
lebitso la Modimo wa Jakobo
le o sireletse.
3 A ke a o thuse a le Sehalalelong,
a o tshehetse a le Sione.
4 A ke a hopole
dinyehelo tsohle tsa hao,
a thabele ditjheso tsa hao.
5 A ke a o fe
se ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.
6 Re ke re etsetse
tlholo ya hao ditlatse,
re phahamise mekgele
ka lebitso la Modimo,
bitso la Modimo wa rona.
Morena a ke a phethahatse
dikopo tsohle tsa hao.
7 Jwale ke a tseba
hore Morena o nea tlholo,
o e nea Motlotsuwa wa hae,
o mo arabela a le sehalalelong,
a le sehalalelong sa hae
sa lehodimo.
O mo arabela ka ketso
tse pholosang,
ketso tsa letsoho la hae le letona.
8 Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa,
ba bang ba tshepile dipere,
empa rona re tshepile
lebitso la Morena,
lebitso la Morena Modimo wa rona.
9 Bona ba tla kgothometseha, ba we,
empa rona re tla ema re tiile.
10 Morena, ako nee kgosi tlholo;
re arabele ha re ipiletsa ho wena.