DIPESALEMA 2

Motlotsuwa wa Modimo

1 Moferefere ke wa eng hara ditjhaba?

Matjhaba a rerelang

ntho tsa mafeela?

2 Dikgosi tsa lefatshe

di eme ka maoto;

babusi, ba le mmoho,

ba rera Morena

le Motlotsuwa wa hae, ba re:

3 “A re itokolleng ditlamong tsa bona,

re lahleng joko ya bona.”

4 Ya dutseng teroneng, lehodimong,

o a ba tsheha,

Morena o a ba soma.

5 Jwale o bua le bona ka kgalefo,

ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re:

6 “Thabeng ya ka e halalelang,

thabeng ya Sione,

nna ke beile kgosi ya ka.”

7 Yona e re: “A nke ke phatlalatse

taelo ya Morena.

“O itse ho nna:

kajeno ke o tswetse.

8 Nkope, ke tla o nea ditjhaba

e be lefa la hao,

le lefatshe ka bophara ba lona

e be leruo la hao.

9 O tla di busa ka lere la tshepe,

o di pshatle

jwaloka nkgo ya letsopa.> ”

10 Jwale he, halefang, lona dikgosi;

eletsehang, lona babusi ba lefatshe.

11 Sebeletsang Morena ka tshabo,

le itihele maotong a hae

ka thothomelo.

12 Ho seng jwalo o tla halefa,

mme le timelle tseleng ya lona,

hobane kgalefo ya hae

e phakisa ho tuka.

Ho lehlohonolo bohle

ba tshabelang ho yena.