DIPESALEMA 19

Modimo, Mmopi, le mofani wa Molao

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Mahodimo a phatlalatsa

tlotla ya Morena,

sebaka sa lehodimo se a bolela,

se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;

3 letsatsi ka leng le phetela le leng,

bosiu ka bong bo tsebisa bo bong,

4 ho se puo, ho se polelo,

ho se mantswe a utlwahalang.

5 Empa modumo wa tsona

o anetse lefatshe lohle,

polelo tsa tsona di finyeletse,

di finyeletse pheletsong tsa lefatshe.

Mahodimong, Modimo

o hlometse letsatsi tente,

6 mme lona le ka monyadi

a etswa leqatheng,

jwaloka mohale,

le thabela ho qeta tsela ya lona.

7 le tjhaba ntlheng e nngwe

ya mahodimo,

le potoloha ho fella ntlheng e nngwe;

ha ho letho

le ka balehang mofuthu wa lona.

8 Molao wa Morena o phethehile,

ke mmusapelo;

temoso tsa Morena di a tshepahala,

di hlalefisa sethoto.

9 Melao ya Morena e lokile,

e hlatswa pelo;

taelo ya Morena e hlakile,

e edisa mahlo.

10 Ho tshaba Morena

ke ntho e molemo,

e ke keng ya fetoha ho isa kgale;

dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete,

kaofela ha tsona di lokile.

11 Di kgahleha ho feta kgauta,

ho feta le kgauta

e hlwekisitsweng haholo;

di monate ho feta mahe a dinotshi,

mahe a rothang kgekgeng ya tsona.

12 Di ruta mohlanka wa hao,

ya di bolokang

o fumana moputso o moholo.

13 Empa ke mang

ya ka elellwang diphoso tsa hae?

Ako ntokolle

ho tseo ke sa di tsebeng.

14 Phemisa mohlanka wa hao,

o mo phemise boikgantsho,

o se ke wa dumella hore bo mpuse.

Kahoo ke tla hloka kodi,

ke hloke molato wa sebe se seholo.

15 Ako kgahlwe ke mantswe

a tswang molomong wa ka,

le ke menahano e ka pelong ya ka,

wena Morena, lefika la ka,

le molopolli wa ka.