DIPESALEMA 18

Sefela sa Davida sa teboho

1 Sa motsamaisi wa dibini. Sefela sa Davida, mohlanka wa Morena, seo a neng a se binele Morena, mohla Morena a mo namoletseng matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule,

2 a re:

Ke a o rata Morena,

wena matla a ka.

3 Morena ke lehaha la ka,

ke qhobosheane ya ka,

ke monamoledi wa ka.

Modimo wa ka ke lefika la ka,

leo ke tshabelang ho lona;

Morena ke thebe ya ka,

ke lenaka la ka le ntwanelang,

ke seqhobo sa ka.

4 Ke ipileditse ho Morena

ya lokelang ho roriswa,

mme ka pholoswa direng tsa ka.

5 Maqhubu a lefu a ne a ntikile,

phororo tsa timelo di ne di nkukile.

6 Maraba a lefu a ne a mpotapotile,

difi tsa lefu di ne di ntjhehile.

7 Makaqabetsing a ka

ka ipiletsa ho Morena,

ka llela Modimo wa ka

hore a nthuse;

a utlwa lentswe la ka

a le ka tempeleng ya hae,

sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.

8 Lefatshe la reketla, la thothomela,

metheo ya dithaba ya tsukutleha,

ya reketla, hobane a halefile.

9 Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae,

mollo o timetsang

wa betseha ka hanong la hae,

mashala a hlenneng

a tswa ka ho lona.

10 A phetla mahodimo,

a theohela fatshe,

leru le letsho le le maotong a hae;

11 a fofa a palame kerubime,

a hoballa a le mapheong a moya.

12 Lefifi a le etsa lesira la hae,

maru a matsho a dusang pula,

wona a a etsa tente ya hae;

13 maru a apolwa ke kganya

e mo etellang pele,

ha na sefako sa mashala a tukang.

14 Morena a thwathwaretsa,

a thwatharetsa a le mahodimong,

Ya Hodimodimo

a utlwahatsa lentswe la hae;

15 a fula ka metsu ya hae,

dira tsa qhalana,

a betsa mahadima,

mme tsa phasaphasa.

16 Madiba a mawatle

a bonahala tlasetlase,

metheo ya lefatshe ya phetleha,

ha ho omana wena Morena,

ha ho foka moya

o tswang ka nkong tsa hao.

17 Morena a nnanabela a le hodimo,

a nnanabela a ntshwara,

a nkinola metsing a lewatle;

18 a nnamolela sereng sa ka se matla,

ho ba ntlhoileng,

ba neng ba mphekisa.

19 Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka,

empa Morena a nthusetsa;

20 a ntokolla, a mpholosa,

a mpholosa hobane a nthata.

21 Morena o mputsitse

ho ya ka ho loka ha ka,

o mpuseleditse

ho ya ka ho hloka molato ha ka.

22 Ke tiiseditse tseleng ya Morena,

ha ke a etsa bokgopo,

ka arohana le Modimo wa ka.

23 Ke fadimehetse

kahlolo tsa hae tsohle,

ha ke a qhelela taelo tsa hae kathoko.

24 Mahlong a hae ha ke na kodi,

ke ipolokile ke se na molato.

25 Morena o mputsitse

ho ya ka ho loka ha ka,

hobane o a bona hore ke hlwekile.

26 Ho ya tshepahalang, o a tshepahala;

ho ya se nang kodi, o hloka kodi.

27 Ho ya hlwekileng, o hlwekile;

empa ho molotsana, o masene.

28 Ke wena ya pholosang

setjhaba se hlophehileng,

empa o kokobetsa baikgohomosi.

29 Morena, ke wena lebone la ka,

Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka.

30 Ka thuso ya hao

nka thula dira tsa ka,

ka thuso ya Modimo wa ka

nka tlola lerako.

31 Tsela tsa Modimo di phethehile,

tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;

yena ke thebe

ya bohle ba tshabelang ho yena.

32 Modimo ke mang,

haese Morena?

Lefika ke mang,

haese Modimo wa rona?

33 Ke yena Modimo ya mmatlafatsang,

ya ntsamaisang tseleng e ntle;

34 ya potlakisang maoto a ka

jwaloka a dikgama,

ya mpeang hodima dihlaba;

35 yena ya nthutang ho lwana,

yena ya nthutang

ho hula seqha sa lethose.

36 O nnea thebe ya hao e pholosang,

letsoho la hao le letona

le a ntshehetsa,

paballo ya hao e a nkgodisa.

37 O ntlhekela tsela e batsi,

maoto a ka ha a thelle.

38 Ke lelekisa dira tsa ka,

ke be ke di tshware;

ha ke kgutle ke eso di timetse.

39 Ke a di hlathaka, di sitwa ho tsoha,

di wela tlasa maoto a ka.

40 O mmatlafaletsa ntwa,

ba ntwantshang o ba bea tlasa ka.

41 O etsa hore dira tsa ka

di ntshupe ka direthe,

ba ntlhoileng ke a ba timetsa.

42 Ba llela thuso, ba hloka mopholosi;

ba llela Morena, ha a ba arabe.

43 Ke ba thumisa jwaloka lerole,

lerole le fefolwang ke moya,

ke ba hatakela

jwaloka seretse se tseleng.

44 O nnamolela

meferefereng ya setjhaba,

o nketsa mmusi wa ditjhaba;

ditjhaba di a ntshebeletsa,

ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.

45 Hang ha di nkutlwa

di a mmamela;

di ipea tlasa puso ya ka

ha di mpona.

46 Ditjhaba di kgathala matla,

di tswa di thothomela

qhobosheaneng tsa tsona.

47 Modimo o a phela!

Ho bokwe Lefika la ka!

Modimo, mopholosi wa ka,

a ke a thoholetswe!

48 Modimo ya ntshitsang

ka diphetetso,

ya beang ditjhaba tlasa ka.

49 O nnamolela direng tsa ka,

o mphahamisetsa kahodimo,

kahodimo ho ba ntwantshang,

o nnamolela diatleng tsa ya sehloho.

50 Ka baka leo,

ke tla o boka hara ditjhaba,

ke roke lebitso la hao Morena,

51 wena ya neang kgosi ya hao,

ya e neang tlholo e kgolo,

ya bontshang mohau

ho motlotsuwa wa hao,

ho Davida le ditloholo tsa hae

kamehla le mehla.