DIPESALEMA 17

Thapelo ya ya hloriswang

1 Thapelo ya Davida.

Morena, ako utlwe thapedi ya ka,

o mamele sello sa ka;

o sekehele thapelo ya ka tsebe,

hobane e tswa molomong

o se nang mano.

2 A nke ke ahlolwe ke wena,

mahlo a hao a bone seo e leng toka.

3 O hlahlobile pelo ya ka,

wa ntlhwela le bosiu,

wa nnonya,

empa ha wa fumana letho le kgopo;

ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.

4 Ho ya ka mantswe

a tswang molomong wa hao,

ke qobile mekgwa ya dinokwane.

5 Mehato ya ka

e latetse mehlala ya hao,

maoto a ka

ha a a ka a kgothometseha.

6 Nna ke ipiletsa ho wena Modimo,

hobane o tla nkaraba;

ntshekehele tsebe,

o mamele lentswe la ka.

7 Ako bonahatse mohau wa hao,

mohau o hlollang.

Ba balehelang ka tsohong la hao

le letona,

ke wena ya ba pholosang

ho ba ba tsohelang matla.

8 O mpaballe

jwaloka thaka ya leihlo la hao;

o mpate moriting wa mapheo a hao,

9 hole le ba kgopo ba ntlhekefetsang,

hole le dira tse ntikanetseng.

10 Pelo tsa bona ha di na mohau,

melomo ya bona e tletse boikakaso.

11 Ba tla ba ntobile,

jwale ba nketsetsa sakana-la-nkope,

ba ntswepetse mahlo

ho nkgatakella fatshe.

12 Ba jwaloka tau

e labalabelang ho harola,

le jwaloka tawana

e bothileng selaong.

13 Thusa, Morena!

Ba futuhele, o ba dihe;

ka sabole ya hao

pholosa bophelo ba ka ho ba kgopo;

14 ka letsoho la hao mpholose Morena,

mpholose ho batho bana ba lefatshe,

bao moputso wa bona

o leng bophelong bona.

Ba kgorise sa mpanaphatloha,

ba kgorise

ka tseo o ba boloketseng tsona;

le bana ba bona

ba tla di kgotsofalla,

ba tle ba di siele

le ditloholo tsa bona.

15 Empa nna, ha ke se ke ahloletswe,

ke tla bona fahleho sa hao;

ha ke tsoha

ke tla kgotsofalla boteng ba hao.