Rorisang Morena
1 Haleluja!
Rorisang Morena
a le sehalalelong sa hae,
mo roriseng
a le sebakeng sa hae se matla,
baka sa hae sa lehodimo.
2 Mo roriseng
ka baka la diketso tsa bonatla ba hae,
mo roriseng
ka baka la boholo ba hae,
boholo ba hae bo fetisisang.
3 Mo roriseng
ka modumo wa lenaka,
mo roriseng
ka thomo le ka harepa.
4 Mo roriseng
ka moropa le ka mohobelo,
mo roriseng
ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo;
5 mo roriseng
ka mangenengene a ketemanang,
mo roriseng
ka mangenengene a llang haholo.
6 Tsohle tse phelang
di ke di rorise Morena.
Haleluja!