DIPESALEMA 144

Modimo ke mohlodi wa tlholo le katleho

1 Pesalema ya Davida.

Ho bokwe Morena, lefika la ka,

yena ya nthutang ho lwana,

yena ya nkwetlisetsang ntwa.

2 Ke setshabelo sa ka

le qhobosheane ya ka,

seqhobo sa ka

le monamoledi wa ka;

ke thebe ya ka,

eo ke itshireletsang ka yona,

ke yena ya beang ditjhaba

katlasa puso ya ka.

3 Morena, ebe motho e ne e le eng,

hoo o ka mo nkelang hloohong?

Ngwana motho e ne e le eng,

hoo o ka mo hopolang?

4 Motho o tshwana le lefeela,

ditshiu tsa hae

di jwaloka moriti o fetang.

5 Morena, phetla mahodimo a hao,

o theohe, o ame dithaba

di tle di foqohe mosi.

6 Betsa mahadima,

dira di tle di qhalane,

o fule ka metsu ya hao,

di tle di phasaphase.

7 Nnanabele o le hodimo,

o mpholose,

o nkinole metsing a lewatle,

le matsohong a baditjhaba;

8 ba buang mashano

ka melomo ya bona,

ba phahamisang matsoho

ho hlapanyetsa bohata.

9 Modimo, ke tla o binela,

ke o binele sefela se setjha,

ke o roke

ka harepa e kgwele di leshome,

10 wena ya neang dikgosi tlholo,

wena ya pholosang Davida,

mohlanka wa hao.

11 Mpholose saboleng e sehloho,

namolele matsohong a baditjhaba

ba buang mashano

ka melomo ya bona,

ba phahamisang matsoho

ho hlapanyetsa bohata.

12 Bara ba rona, botjheng ba bona,

ba ke ba be jwaloka ditlama,

tlama tse holang hantle;

baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya,

tshiya tsa dihuku

tse betletsweng ntlo ya bokgosi.

13 Mediko ya rona e ke e tlale,

e tsholohe dijo tsa mefutafuta.

Manku a rona a ke a ate ka dikete,

e be diketekete makgulong a rona;

14 makgomo a rona a ke a emare,

a se folotse

kapa a shwelwa ke manamane,

ho se be diboko mabaleng a motse.

15 Ho lehlohonolo setjhaba

se tlelwang ke tse jwalo,

ho lehlohonolo setjhaba

seo Morena e leng Modimo wa sona.