Bokgopo ba batho
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Ka pelong sethoto se re:
“Ha ho na Modimo.”
Diketso tsa batho di bodile,
di a nyonyeha,
ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.
2 Morena, a le mahodimong,
o tadima bana ba batho,
ho bona hore na ho teng
ya utlwisisang,
ya batlang Modimo.
3 Bohle ba kgelohile,
ba senyehile kaofela;
ha ho ya etsang tse ntle,
ha ho le ya mong.
4 Na baa bohle ha ba na tsebo,
baa ba etsang tse sa lokang,
baa ba itjellang setjhaba sa ka,
jwalokaha ba eja bohobe,
ba sa ipiletse ho Morena?
5 Jwale ba tla tshoha haholo,
ba tshohe,
hobane Modimo o ka thekong,
ya moloko o lokileng.
6 Lona le ka soma merero
ya ya hlophehileng,
empa Morena ke setshabelo sa hae.
7 E se eka pholoho ya Iseraele
e ka tswa Sione!
Mohla Morena a kgutlisang
setjhaba sa hae,
a se kgutlisa bothopuweng,
Jakobo o tla nyakalla,
Iseraele le yena a thabe.