DIPESALEMA 139

Modimo o tseba tsohle

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.

2 O tseba ha ke dula le ha ke ema,

o hlalohanya mehopolo ya ka,

o e hlalohanya ke sa le hole.

3 O ntisa ha ke tsamaya

le ha ke robetse,

o tsebisisa metsamao ya ka yohle.

4 Lentswe le eso be teng lemeng la ka,

o se o le tseba hantle, Morena.

5 O ntlhahile kamahohle,

o beile letsoho la hao hodima ka.

6 Tsebo ena e makatsang e a mpheta;

e tebile hoo nke keng ka e fihlela.

7 Nka ya kae

ho ipatela moya wa hao?

Nka balehela kae

ho ipatela sefahleho sa hao?

8 Ha nka nyolohela mahodimong,

o teng moo;

leha nka theohela Nqalong ya Bafu,

le teng o teng.

9 Leha nka adima mapheo a mafube,

ka ya aha dipheletsong tsa lewatle,

10 le hona moo letsoho la hao

le tla ntsamaisa,

letsoho la hao le letona

le tla ntshwara.

11 Leha nka re:

“Ruri lefifi le tla mpata,

lesedi le nteetseng hare

le tla fetoha bosiu,”

12 empa ho wena lefifi hase lefifi,

bosiu bo kganya jwaloka letsatsi,

lefifi le jwaloka lesedi.

13 Ke wena ya bopileng

bokahare ba ka,

ya kopantseng ditho tsa ka

ke sa le popelong ya mme.

14 Ke a o boka,

hobane o mpopile

ka mokgwa o makatsang;

mesebetsi ya hao e a hlolla,

hona ke ho tseba hantle.

15 Masapo a ka

a ne a sa pateha ho wena,

ha ke ne ke bopjwa sephiring,

ke kopanngwa ditho

ke le botebong ba lefatshe.

16 Mahlo a hao

a mpone ke eso tswalwe;

tsohle tsa ka

di ne di se di ngotswe bukeng ya hao,

le pele ke eba teng.

17 Modimo, mehopolo ya hao

e thata hakaakang!

Palo ya yona

e kgolo hakaakang!

18 Ha nka e bala,

e mengata ho feta lehlabathe;

ha nka e qeta,

o ntse o ena le nna.

19 Oho, Modimo,

hoja wa timetsa ba kgopo,

hoja ba tshollang madi

ba suthela hole le nna!

20 Ke ba buang hampe ka wena,

ba o lwantshetsang lefeela.

21 Na nke ke ka hloya

ba o hloileng, Morena,

ka halefela ba o tsohelang matla?

22 Ke ba hloile

ka lehloyo le phethehileng,

le nna ke dira tsa ka.

23 Ntlhahlobe, Modimo,

o tsebe pelo ya ka;

o nnonye maikutlo,

o tsebe mehopolo ya ka;

24 o bone hore na ke tseleng e mpe,

o ntsamaise tseleng

ya kamehla yohle.