Bokang Morena, hobane o molemo
1 Haleluja!
Bokang Morena, hobane o molemo;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
2 Bokang Modimo wa medimo;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
3 Bokang Morena wa marena;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
4 Ke yena a inotshi
ya entseng dimakatso tse kgolo;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
5 Ke yena ya entseng mahodimo,
a a etsa ka bohlale;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
6 O adile lefatshe hodima metsi;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
7 O entse masedi a maholo;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle;
8 letsatsi ho busa motsheare;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle;
9 kgwedi le dinaledi ho busa bosiu;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
10 Ke yena ya ileng a bolaya,
a bolaya matsibolo a Egepeta;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
11 A ntsha Iseraele naheng ya Egepeta;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle;
12 ka letsoho le matla
le sephaka se otlolohileng;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
13 O ile a phatlola
Lewatle la Sufe koto tse pedi;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
14 A tshedisa Iseraele hara lona;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
15 A dihela Faro le mabotho a hae,
a a dihela Lewatleng la Sufe;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
16 Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba,
a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
17 O ile a timetsa dikgosi tse kgolo;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
18 A bolaya dikgosi tse matla;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle:
19 Sihone, kgosi ya Baamore;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle;
20 le Oge, kgosi ya Bashane;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
21 A fana ka naha ya bona
hore e be lefa;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle;
22 e be lefa la Iseraele,
mohlanka wa hae;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
23 Ke yena ya ileng a re hopola
ha re ne re kokobeditswe;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
24 A re phamola ho dira tsa rona;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
25 Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
26 Bokang Modimo wa mahodimo;
mohau wa hae ke wa kamehla yohle.