DIPESALEMA 135

Morena wa rona o moholo ho medimo yohle

1 Haleluja!

Rorisang lebitso la Morena,

mo roriseng,

lona bahlanka ba Morena,

2 ba emang ka Tlung ya Morena,

mabaleng a Ntlo ya Modimo,

Ntlo ya Modimo wa rona.

3 Rorisang Morena,

hobane Morena o molemo;

rokang lebitso la hae,

hobane o a rateha.

4 Morena o ikgethetse,

a ikgethela leloko la Jakobo,

e leng Iseraele,

hore e be leruo la hae.

5 Ruri ke a tseba

hore Morena o moholo,

Morena wa rona o moholo,

o moholo ho medimo yohle.

6 Morena o etsa tsohle

tseo a di ratang,

mahodimong le lefatsheng,

mawatleng le madibeng wohle.

7 Ke yena ya nyollang maru,

a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe,

ya nesang pula ka mahadima,

ya bulelang difefo

moo a di kwaletseng teng.

8 Ke yena ya ileng a bolaya,

a bolaya matsibolo a Egepeta,

ho qala ka a batho

ho isa ho a diphoofolo.

9 Ho wena Egepeta,

o ile a romela

dipontsho le dimakatso, ho Faro

le ho bahlanka bohle ba hae.

10 Ke yena ya ileng a timetsa,

a timetsa ditjhaba tse ngata,

a bolaya dikgosi tse matla:

11 Sihone, kgosi ya Baamore,

le Oge, kgosi ya Bashane,

le mebuso yohle ya Kanana.

12 A fana ka naha ya bona

hore e be lefa,

lefa la Iseraele setjhaba sa hae.

13 Morena, lebitso la hao

ke la kamehla yohle;

Morena, o tla hopolwa,

o hopolwe ke meloko yohle.

14 Morena o tla ahlola,

a ahlolele setjhaba sa hae,

mme a qenehele bahlanka ba hae.

15 Medimo ya bohata ya baditjhaba

ke ya silefera le ya kgauta,

ke mosebetsi wa matsoho a batho.

16 E na le melomo, empa ha e bue;

e na le mahlo, empa ha e bone.

17 E na le ditsebe, empa ha e utlwe;

le ho phefumoloha,

ha e phefumolohe.

18 Ba e etsang

ba ke ba tshwane le yona,

ba be jwalo bohle ba e tshepang.

19 Lona, ba ntlo ya Iseraele,

bokang Morena;

lona ba ntlo ya Arone,

bokang Morena;

20 lona ba ntlo ya Levi,

bokang Morena;

le lona ba tshabang Morena,

bokang Morena.

21 Morena a ke a bokwe ke ba Sione,

yena ya ahileng Jerusalema.

Haleluja!