DIPESALEMA 128

Lehlohonolo la ya tshabang Morena

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Ho lehlohonolo bohle,

bohle ba tshabang Morena,

ba tsamayang ditseleng tsa hae.

2 O tla ja tholwana tsa mosebetsi,

tsa mosebetsi wa matsoho a hao,

o tla ba lehlononolo,

o be le katleho.

3 Mosadi wa hao

o tla ba jwaloka morara,

morara o behang ka tlung ya hao;

bana ba hao

ba be jwaloka mahlomela,

mahlomela a mohlwaare

ho potapota tafole ya hao.

4 E, motho ya tshabang Morena

o hlohonolofala jwalo.

5 Morena a ke a o hlohonolofatse,

a o hlohonolofatse a le Sione,

o tle o bohe katleho ya Jerusalema

ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao.

6 O ke o bone bana ba bana ba hao.

Kgotso e ke e be teng Iseraele.