Ho leboha thuso ya Morena
1 Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.
Hoja Morena a se ke a ba le rona,
Iseraele a ke a rialo,
2 hoja Morena a se ke a ba le rona,
ha batho ba ne ba re tsohela matla,
3 ba ka be ba re kwentse
re ntse re phela,
ha kgalefo ya bona
e ne e re tloketse;
4 dikgohola di ka be di re hohotse,
diphororo di ka be di re pupeditse;
5 metsi a befileng
a ka be a re pupeditse.
6 Ho bokwe Morena
ya sa kang a lesa hore ba re je.
7 Re phonyohile jwaloka nonyana
lerabeng la batshwasi;
leraba la kgaoha,
mme ra phonyoha.
8 Thuso ya rona e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.