Thapelo e kopang ho sireletswa ho ba bolotsana
1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.
Ke ipiletsa ho Morena,
ha ke le matshwenyehong,
mme o a nkaraba.
2 Morena, ako nnamolele
molomong wa ya leshano,
le lelemeng la ya thetsang.
3 Wena ya leleme le thetsang,
o tla newa eng, o ekeletswe eng?
4 O tla newa metsu ya mohale,
metsu e ntjhotjho,
e tswang mashaleng a hlenneng,
mashala a sehalahala.
5 Ho madimabe nna
ka ho jaka Mesheke,
ka ho aha hara ditente tsa Kedare.
6 Ke nako e telele haholo
ke ahile hara ba hloileng kgotso.
7 Nna ke motho wa kgotso,
empa ha ke bua ka kgotso,
bona ba batla ntwa.