Thapelo ya ho ikopela thuso
1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi.
2 Re pholose Morena,
batshepuwa ba fedile;
botshepehi ha bo sa le yo
ho bana ba batho.
3 Batho ba bolellana mashano,
maleme a bona a monate,
empa ke bo-temepedi.
4 Morena a ke a fedise bohle,
bohle ba maleme a monate,
le bohle ba melomo e ikakasang,
5 e leng batho ba reng:
“Re tla hlola ka maleme a rona;
re tseba ho ipuella,
ke mang ya ka re busang?”
6 Morena o re:
“Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi,
le la ho dumaela ha mafutsana,
jwale ke kena dipakeng;
ke tla ba fa pholoho
eo ba e hloretseng.”
7 Dipolelo tsa Morena
ke dipolelo tse hlwekileng,
di ka silefera
e qhibidisitsweng seboping,
silefera e hlwekisitsweng hasupa.
8 Ke wena Morena, ya re lebelang,
ya re sireletsang kamehla
molokong ona,
9 ho ba kgopo ba tletseng hohle,
ha bosoro bo totile
hara bana ba batho.