DIPESALEMA 118

Thapelo ya teboho

1 Bokang Morena, hobane o molemo;

mohau wa hae

ke wa kamehla yohle.

2 Iseraele a ke a re:

“Mohau wa hae

ke wa kamehla yohle.”

3 Ba ntlo ya Arone ba ke ba re:

“Mohau wa hae

ke wa kamehla yohle.”

4 Ba tshabang Morena ba ke ba re:

“Mohau wa hae

ke wa kamehla yohle.”

5 Ha ke ne ke patisitswe,

ka ipiletsa ho Morena;

Morena a nkarabela, a ntokolla.

6 Morena o na le nna,

ha ke tshabe letho;

motho a ka nketsang?

7 Morena o na le nna,

ke mothusi wa ka,

ke tella ba ntlhoileng.

8 Ho molemo ho tshabela ho Morena,

ho ena le ho tshepa motho.

9 Ho molemo ho tshabela ho Morena,

ho ena le ho tshepa mahosana.

10 Baditjhaba

ba ne ba ntikanetse kaofela,

empa ka ba tamukanya

ka lebitso la Morena.

11 Ba ntikanela,

ba ntikanela kamahohle,

empa ka ba tamukanya

ka lebitso la Morena.

12 Ba mpokanela jwaloka dinotshi,

ba ka malakabe

hara dihlahla tsa meutlwa,

empa ka ba tamukanya

ka lebitso la Morena.

13 Ka sutumetswa haholo

hoo ke batlileng ke ewa,

empa Morena a nthusa.

14 Morena ke matla a ka

le thoko ya ka,

ke yena mopholosi wa ka.

15 Metlotlwaneng ya ba lokileng,

ho utlwahala ditlatse tsa tlholo,

ho thwe:

“Letsoho le letona la Morena

le sebeditse tse matla,

16 letsoho le letona la Morena

le a tlotleha,

letsoho le letona la Morena

le sebeditse tse matla.”

17 Ha nka ke ka shwa,

empa ke tla phela,

ke bolele mesebetsi ya Morena.

18 Morena o nkgalemetse,

empa ha a a ka a nneela lefu.

19 Mpuleleng menyako ya Tempele,

ke tle ke kene ka yona,

ke boke Morena.

20 Ona ke wona monyako,

monyako wa ntlo ya Morena,

ba lokileng ba tla kena ka wona.

21 Ke a o boka

hobane o ile wa nkaraba,

o bile mopholosi wa ka.

22 Lejwe le lahlilweng ke dihahi

le fetohile lejwe la mantlha;

23 ke Morena ya entseng hona,

mme mahlong a rona ke mohlolo.

24 Lena ke lona letsatsi

le entsweng ke Morena;

a re nyakalleng,

re thabeng ke hona.

25 Oho, Morena, ako re pholose!

Oho, Morena, ako re atlehise!

26 Ho bokwe ya tlang

ka bitso la Morena:

Re le hlohonolofatsa

re le ka tlung ya Morena.

27 Morena ke Modimo;

o a re bonesetsa.

Tshwarang mahlaku, le koloke,

le be le yo fihla

manakaneng a aletare.

28 O Modimo wa ka, ke a o boka;

o Modimo wa ka, ke a o tlotlisa.

29 Bokang Morena, hobane o molemo;

mohau wa hae

ke wa kamehla yohle.