DIPESALEMA 115

Modimo wa nnete o mong feela

1 O se ke wa re nea tlotla, Morena,

o se ke wa e nea rona,

o mpe o e nee lebitso la hao,

ka baka la mohau wa hao

le botshepehi ba hao.

2 Keng ha baditjhaba ba ka re:

“O kae Modimo wa bona?”

3 Modimo wa rona o mahodimong,

o etsa tsohle tse mo kgahlang.

4 Medimo ya bona

ke ya silefera le ya kgauta,

ke mosebetsi wa matsoho a batho.

5 E na le melomo, empa ha e bue;

e na le mahlo, empa ha e bone.

6 E na le ditsebe, empa ha e utlwe;

e na le dinko, empa ha e fofonele.

7 E na le matsoho, empa ha e tshware;

e na le maoto, empa ha e tsamaye;

ha ho modumo

o tswang qoqothong tsa yona.

8 Ba e etsang

ba ke ba tshwane le yona,

ba be jwalo bohle ba e tshepang.

9 Lona ba ntlo ya Iseraele,

tshepang Morena:

Ke yena thuso le thebe ya lona.

10 Lona ba ntlo ya Arone,

tshepang Morena:

Ke yena thuso le thebe ya lona.

11 Lona ba tshabang Morena,

tshepang Morena:

Ke yena thuso le thebe ya lona.

12 Morena o ntsa re hopotse,

o tla re hlohonolofatsa;

a hlohonolofatse

ba ntlo ya Iseraele,

a hlohonolofatse

ba ntlo ya Arone,

13 a hlohonolofatse bohle,

bohle ba tshabang Morena,

ba banyenyane mmoho le ba baholo.

14 Morena a ke a le ngatafatse,

lona le bana ba lona.

15 Morena a ke a le hlohonolofatse,

yena ya entseng mahodimo,

a etsa le lefatshe.

16 Mahodimo ke mahodimo a Morena,

lefatshe lona

o le neile bana ba batho.

17 Hase bafu ba ka rorisang Morena,

leha e le ba theohetseng lebitleng.

18 Empa ke rona ba phelang

ba ka bokang Morena,

ho tloha jwale le kamehla yohle.

Haleluja!