Sefela sa Paseka
1 Mohla Iseraele a tswang Egepeta,
ba ntlo ya Jakobo ba tloha,
ba tloha setjhabeng sesele,
2 Juda ya eba sehalalelo sa Morena,
Iseraele ya eba mmuso wa hae.
3 Lewatle ha le ba bona la baleha,
Jorodane ya tjhetjha kasanthao.
4 Dithaba tsa thala jwaloka dipheleu,
maralla jwaloka dikonyana.
5 Wena lewatle, o balehelang?
Le wena Jorodane,
o tjhetjhelang kasanthao?
6 Lona dithaba,
keng ha le thala jwaloka dipheleu,
le lona maralla, jwaloka dikonyana?
7 Wena lefatshe, thothomela,
thothomela pela fahleho sa Morena,
pela sefahleho
sa Modimo wa Jakobo;
8 yena ya fetolang lefika
letsha la metsi,
lejwe la moralla a le fetole sediba.