DIPESALEMA 113

Rorisang Morena

1 Haleluja!

Lona bahlanka ba Morena,

mo roriseng,

le rorise lebitso la Morena.

2 Ho bokwe lebitso la Morena,

ho tloha jwale le kamehla yohle.

3 Ho tloha botjhabela

ho isa bophirimela,

ho roriswe lebitso la Morena.

4 Morena o phahametse tjhaba tsohle,

tlotla ya hae

e okametse mahodimo.

5 Ke mang ya kang Morena,

Morena Modimo wa rona,

ya dutseng teroneng,

teroneng e hodimodimo,

6 empa a ikokobeletsa ho tadima

mahodimo le lefatshe?

7 O tsosa mofutsana leroleng,

a phahamise mohloki thotobolong;

8 a mo dudise le mahosana,

le mahosana a setjhaba sa habo.

9 O fa nyopa lelapa,

a e etse mma bana ya thabileng.

Haleluja!