DIPESALEMA 111

Mesebetsi ya Morena e meholo

1 Haleluja!

Ke tla boka Morena

ka pelo ya ka yohle,

ke le phuthehong ya ba lokileng.

2 Mesebetsi ya Morena e meholo,

e fuputswa ke bohle ba e thabelang.

3 Mosebetsi wa hae

o bonahatsa tlotla le botlotlehi,

ho loka ha hae

ho teng kamehla yohle.

4 O entse hore dimakatso tsa hae

di se ke tsa lebalwa;

Morena o mosa,

o na le kutlwelobohloko.

5 O fepa ba mo tshabang;

o hopola selekane sa hae kamehla.

6 O bontshitse setjhaba sa hae,

a se bontsha matla

a mesebetsi ya hae,

ka ho se nea lefa la baditjhaba.

7 Mesebetsi ya diatla tsa hae

e a tshepahala,

mesebetsi ya hae e lokile,

ditaelo tsohle tsa hae ke tsa nnete;

8 di etseditswe mehla yohle,

di hlophilwe ka botshepehi

le ka ho loka.

9 O lopolotse setjhaba sa hae,

a laela hore selekane sa hae

e be sa kamehla yohle;

lebitso la hae le a halalela,

mme le a tshabeha.

10 Qaleho ya bohlale

ke ho tshaba Morena,

bohle ba sedi ba phela jwalo.

O lokelwa ke thoriso kamehla.