DIPESALEMA 106

Ho se tshepahale ha setjhaba sa Iseraele

1 Haleluja!

Bokang Morena, hobane o molemo;

mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

2 Ke mang ya ka bolelang

ketso tse matla tsa Morena,

ya ka tumisang

thoriso yohle ya hae?

3 Ho lehlohonolo ba etsang toka,

ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.

4 Morena, ako nkgopole,

ha o sitsa setjhaba sa hao,

o nketele, o tlo mpholosa.

5 A nke ke bone katleho

ya bakgethwa ba hao,

ke be le kabelo thabong

ya setjhaba sa hao,

ke tle ke ithorise

mmoho le bao e leng lefa la hao.

6 Rona le bo-ntata rona re entse dibe,

re molato, re kgopo.

7 Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta,

ha ba a ka ba utlwisisa

dimakatso tsa hao;

ba ile ba lebala

mohau wa hao o moholo,

ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo

ha ba le Lewatleng la Sufe.

8 Empa o ile a ba pholosa

ka baka la lebitso la hae,

hore ho tle ho bonahatswe

matla a hae.

9 A kgalemela Lewatle la Sufe,

yaba le a psha;

a ba tsamaisa madibeng

jwalokaha eka ke sebataolong.

10 A ba pholosa matsohong

a ba ba hloileng,

a ba namolela matsohong a sera.

11 Metsi a kwahela ba ba lwantshang,

ha se ke ha phonyoha le ya mong.

12 Yaba ba qala

ho kgolwa tshepiso tsa hae,

ba mminela dithoko.

13 Empa ba phakisa ho lebala,

ho lebala diketso tsa hae,

ba tlohela ho batla keletso ho yena.

14 Ba mpa ba laolwa

ke ditakatso tsa bona lefeelleng,

ba leka Modimo ba le lehwatateng.

15 A ba nea seo ba neng ba se kopa,

A ba nea seo ba neng ba se kopa,

athe o tla ba neella

ka lefu le ba timetsang.

16 Ba honohela Moshe ba le diahelong,

le yena Arone,

mohalaledi wa Modimo.

17 Lefatshe la ahlama,

la metsa Datane,

la kwenya sehlopha sa Abirame.

18 Mollo wa tuka

hara sehlopha sa bona,

malakabe a wona

a tjhesa bao ba kgopo.

19 Ha ba le Horebe,

ba ipopela namane,

ba kgumamela setshwantsho

se bopilweng ka kgauta.

20 Ba lahla tlotla ya Modimo,

ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana,

ntho e jang jwang.

21 Ba lebala Modimo,

mopholosi wa bona,

ya entseng tse kgolo Egepeta,

22 dimakatso naheng ya Kama,

le tse tshosang Lewatleng la Sufe.

23 Yaba o re o a ba fedisa,

empa Moshe, mokgethwa wa hae,

a kena dipakeng,

a phoka bohale ba hae

hore bo se ba timetse.

24 Ba nyedisa naha e kgahlehang,

hobane ba ne ba sa kgolwe,

ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.

25 Ba dumaduma

ba le ditenteng tsa bona,

ba se ke ba mamela

lentswe la Morena.

26 A phahamisa letsoho,

a ba hlapanyetsa

hore o tla ba bolaela lehwatateng,

27 a qhalanye tloholo tsa bona,

a di qhalanyetse hara ditjhaba,

a di qhalanyetse dinaheng.

28 Ba kgomarela Baale wa Peore,

ba eja mahlabelo

a etseditsweng bafu.

29 Ba phephetsa Modimo

ka diketso tsa bona,

ba welwa ke lefu la sewa.

30 Empa Finease a ema,

a ahlola ba molato,

yaba lefu la sewa le a fela.

31 Hoo a ho ballwa e le ho loka,

ho isa melokong yohle,

kamehla le mehla.

32 Ba boela ba halefisa Morena,

ba mo halefisa metsing a Meriba,

Moshe a ba tsietsing

ka baka la bona;

33 ba kgopisa moya wa hae,

hoo a bileng a bua a sa inahana.

34 Ha ba a ka ba timetsa ditjhaba

jwalokaha Morena a ne a ba laetse;

35 ba mpa ba nyallana le baditjhaba,

ba ithuta mekgwa ya bona.

36 Ba sebeletsa medimo ya bona,

medimo ya bona ya ditshwantsho,

e ileng ya ba fetohela leraba.

37 Ba etsetsa bademona mahlabelo,

ka bara le baradi ba bona.

38 Ba tsholla madi a se nang molato,

madi a bara le baradi ba bona,

ba ba etsa mahlabelo a medimo,

medimo ya ditshwantsho ya Kanana:

Naha ya silafala ke madi.

39 Ba itshilafatsa

ka mesebetsi eo ya bona,

ka ketso tseo tsa bona

ba kwenehela Morena.

40 Morena a halefela setjhaba sa hae,

a nyonya bao e leng lefa la hae.

41 A ba neela matsohong a baditjhaba,

ba buswe ke ba ba hloileng.

42 Dira tsa bona tsa ba hatella,

ba ba katlasa taolo ya tsona.

43 A nna a ba lopolla

ka makgetlokgetlo,

ba mpa ba ikgethela ho mo tella,

ba tetebela bokgopong ba bona.

44 Jwale a tadima ho tshwenyeha

ha bona, ha a utlwa sello sa bona.

45 A hopola selekane sa hae le bona,

a ba hauhela

ka baka la rato la hae le leholo.

46 A etsa hore bohle

ba neng ba ba isitse bothopuweng

ba ba utlwele bohloko.

47 Morena Modimo wa rona,

ako re pholose;

o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng,

re tle re boke lebitso la hao,

lebitso la hao le halalelang,

re o rorise re le motlotlo.

48 Ho bokwe Morena,

Modimo wa Iseraele,

a bokwe kamehla yohle,

e se nang qaleho le qetello.

Setjhaba sohle se ke se re:

“A ho be jwalo!”

Haleluja!