DIPESALEMA 105

Botshepehi ba Modimo ha bo fetohe

1 Bokang Morena,

le rapele lebitso la hae,

le tumise diketso tsa hae,

le di tumise hara ditjhaba.

2 Mmineleng, le mo roke,

le nahane dimakatso tsa hae tsohle.

3 Ithoriseng ka lebitso la hae,

lebitso la hae le halalelang,

pelo tsa ba batlang Morena

di ke di thabe.

4 Batlang Morena le matla a hae;

le nne le batle fahleho sa hae,

le se batle kamehla le mehla.

5 Hopolang dimakatso tsa hae

tseo a di entseng,

mehlolo ya hae,

le dikahlolo tseo a di boletseng,

6 lona ba leloko la Aborahama,

mohlanka wa hae,

lona bana ba Jakobo,

bao a ikgethetseng bona.

7 Morena ke yena Modimo wa rona,

ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.

8 Ha a lebale selekane sa hae

le ka mohla,

tshepiso eo a e entseng,

a e etsetsa meloko e sekete;

9 selekane seo a se entseng,

a se etsa le Aborahama,

le kano eo a e entseng,

a e etsetsa Isaka,

10 hore e be molao o tiileng ho Jakobo,

le lekane sa kamehla yohle

ho Iseraele,

11 ha a re:

“Ke tla o nea naha ya Kanana,

e le lefa leo ke o abelang lona.”

12 Ha ba ne ba sa le mmalwana,

e le bajaki ba seng bakae naheng eo,

13 ba ntse ba lelera hara ditjhaba,

ba tloha mmusong o mong,

ba eya ho o mong,

14 Modimo ha a a ka a dumela,

a dumella motho hore a ba tube,

mme ka baka la bona

a kgalema dikgosi, a re:

15 “Le se ke la ama

batlotsuwa ba ka,

le se ke la etsa

baporofeta ba ka hampe.”

16 Jwale a dihela tlala lefatsheng,

dijo tsohle tse ba phedisang

a di fedisa;

17 yaba o romela monna e le selelekela:

Josefa a rekiswa ho ba lekgoba.

18 Ba mo hlokofatsa

ka ho mo tlama maoto ka ditshepe,

ba mmofa ka mahlaahlela,

19 ho fihlela se etsahala,

seo a se boletseng e sa le pele,

mme a pakwa

ke lentswe la Modimo.

20 Kgosi ya laela hore a tlamollwe,

mmusi wa ditjhaba a mo lokolla.

21 Ya mo etsa mookamedi

wa lelapa la yona,

le mmusi wa tsohle

tseo e di ruileng,

22 a tle a rute mahosana

ho ya ka thato ya hae,

a hlalefise baholo

ba setjhaba sa yona.

23 Yaba Iseraele o fallela Egepeta,

Jakobo a jaka naheng ya Kama.

24 Modimo a ngatafatsa setjhaba sa hae,

a se ngatafatsa haholo,

a se matlafatsa ho feta dira tsa sona.

25 A fetola pelo tsa tsona,

tsa hloya tjhaba sa hae,

tsa sebetsa bahlanka ba hae

ka bolotsana.

26 A romela Moshe, mohlanka wa hae,

le Arone eo a mo kgethileng.

27 A etsa dipontsho tsa hae ka bona,

le dimakatso tsa hae

naheng ya Kama.

28 A romela lefifi, mme ha fifala;

empa Baegepeta ba hanyetsa,

ba hanyetsa polelo tsa hae.

29 Metsi a naha ya bona

a a fetola madi,

a bolaya le ditlhapi tse ho wona.

30 Naha ya bona

ya nyeunya dihohwana,

esita le ka matlung

a dikgosi tsa bona.

31 A laela, ha hlaha diboba,

le menwang, naheng yohle ya bona.

32 Bakeng sa pula a ba nesetsa sefako,

mollo wa lehadima

wa wela naha ya bona.

33 A senya morara wa bona le feiye,

a roba difate tsa naha ya bona.

34 A laela, ha hlaha ditsie,

le bookgolane bo se nang palo.

35 Tsa kumola jwang bohle

ba naha ya bona,

tsa kokona tsohle

tse behwang ke naha.

36 A bolaya matsibolo wohle

a naha ya bona,

bana ba bona ba matswathaka.

37 A ntsha Baiseraele ba kakatetse,

ba kakatetse silefera le kgauta,

ho se ya tsiapaneng

hara meloko ya bona.

38 Egepeta ya thabela ho falla ha bona,

hobane e ne e tshohile haholo.

39 A phuphuthisa leru, la ba kwahela;

mollo wa ba bonesetsa bosiu.

40 Ba kopa,

yaba o ba tlisetsa dikwekwe;

a ba kgorisa ka bohobe

bo tswang mahodimong.

41 A petsola lefika, metsi a phorosela;

a phalla dibataolong eka ke noka.

42 Ke hobane o ne a hopotse tshepiso,

tshepiso ya hae e halalelang,

ho Aborahama, mohlanka wa hae.

43 A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo,

bakgethwa ba hae

ka ditlatse tsa thabo.

44 Yaba o ba nea naha tsa baditjhaba,

ba ja lefa la mofufutso

wa merabe eo,

45 hore ba tle ba boloke ditaelo,

ba boloke taelo tsa hae,

ba hlomphe melao ya hae.

Haleluja!