DIPESALEMA 103

Lerato la Modimo

1 Pesalema ya Davida.

Boka Morena, wena moya wa ka;

botho bohle ba ka

bo boke bitso la hae le halalelang.

2 Boka Morena, wena moya wa ka;

o se ke wa lebala

melemo yohle ya hae.

3 Ke yena ya o tshwarelang

melato ya hao kaofela,

ke yena ya o fodisang

mahlokong a hao kaofela.

4 Ke yena ya o lopollang lebitleng,

ke yena ya o qhakang ka mohau,

ya o qhakang le ka lerato.

5 Ke yena ya o fepang tse molemo

bophelong bohle ba hao,

hore o boele o ntjhafale,

o ntjhafale jwaloka ntsu.

6 Morena o sebetsa ka ho loka,

o ahlolela bohle ba hateletsweng.

7 O ne a tsebise Moshe ditsela tsa hae,

a bontsha bana ba Iseraele

diketso tsa hae tse kgolo.

8 Morena o na le kutlwelobohloko,

Morena o mosa;

o dieha ho halefa, o tletse mohau.

9 Ha a re tsekise hoyahoile;

ha a re jare ka pelo kamehla yohle.

10 Ha a re otle

ho ya ka dibe tsa rona,

ha a re putse

ho ya ka melato ya rona.

11 Jwalokaha mahodimo

a phahametse lefatshe,

le mohau wa Modimo o moholo,

o moholo hakaalo ho ba mo tshabang.

12 Jwalokaha botjhabela

bo le hole le bophirimela,

le ditlolo tsa rona o a di suthisa,

o di suthisetsa hole le yena hakaalo.

13 Jwalokaha ntata bana

a ba utlwela bohloko,

ka mokgwa o jwalo le Morena

o utlwela ba mo tshabang bohloko.

14 Ke hobane yena o tseba

seo re bopilweng ka sona,

ha a lebale hore re lerole feela.

15 Ditshiu tsa motho

di tshwana le tsa jwang;

o tlokoma jwaloka palesa ya naha;

16 ha moya o foka hodima yona

e a fela,

ebe ditulo tsa yona

di sala di le feela.

17 Empa mohau wa Morena,

ho ba mo tshabang,

ke wa kamehla yohle,

e se nang qaleho le qetello;

le ho loka ha hae ho fihla

le ditlohotloholwaneng tsa bona,

18 ho ba bolokang selekane sa hae,

ba hopolang

ho phethahatsa ditaelo tsa hae.

19 Morena o beile terone ya hae,

o e beile mahodimong,

tsohle di tlasa puso ya hae.

20 Bokang Morena,

lona mangeloi a hae,

lona bahale

ba phethang taelo tsa hae,

ba mamelang seo a se bolelang.

21 Bokang Morena,

lona mabotho a hae wohle,

lona basebeletsi ba hae

ba phethang thato ya hae.

22 Bokang Morena,

lona mesebetsi ya hae yohle,

hohle moo a busang teng.

Boka Morena, wena moya wa ka.