DIPESALEMA 100

Teboho ho Modimo

1 Pesalema ya teboho.

Lona ba lefatshe lohle

etsetsang Morena mehoo ya thabo,

2 sebeletsang Morena ka thabo,

tloong kapele ho yena ka ditlatse.

3 Tsebang hore Morena ke Modimo,

o re bopile, mme re ba hae;

re setjhaba sa hae,

mohlape wa makgulo a hae.

4 Kenang dikgorong tsa hae

le ntse le mmoka,

le mabaleng a hae

le ntse le mo rorisa;

mo leboheng,

le boke lebitso la hae.

5 Morena o molemo,

mohau wa hae

ke wa kamehla yohle,

botshepehi ba hae

ke bo isang melokong yohle.