Thapelo ya ho ikopela thuso
1 Morena, o emelang hole hakaalo?
O ipatelang
nakong ya matshwenyeho?
2 Ya kgopo o a ikgantsha,
o befetse ya hlophehileng;
a ke a tshwaswe
ke mano ao a a lohileng.
3 Ya kgopo o ithorisa
ka merero ya hae e mebe,
ya meharo o rohaka Morena,
o a mo nyedisa.
4 Ya kgopo o swenya dinko, o re:
“Modimo ha a phetetse,
ha ho na Modimo.”
Ke phetho seo a se nahanang.
5 Kamehla o atleha mererong ya hae,
dikahlolo tsa hao di mo phahametse,
dira tsa hae tsohle
o di tadima maotong.
6 Ka pelong ya hae o re:
“Nke ke ka sisinngwa ke letho,
nke ke ka hlahelwa ke bobe
le ka mohla.”
7 Molomong wa hae ho tswa ditlhapa,
le mashano le bomenemene,
lelemeng la hae
ho maname bolotsana,
ho maname le bona bokgopo.
8 O dula a laletse pela metsana,
o bolaya ba se nang molato,
o ba bolaya a ipatile.
Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng,
9 o lalla jwaloka tau
e bothile selaong sa yona;
o lalla jwalo
hore a tle a qhautse mohlophehi,
a mo qhautse
ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.
10 O a qatjhama, a batalle;
ya tsielehileng
a wele marong a hae.
11 Ka pelong ya kgopo o re:
“Modimo o a lebala,
o ipatile sefahleho,
a ke ke a bona letho le kgale.”
12 Thusa, Morena! Oho, Modimo,
itokisetse ho otla;
o se ke wa lebala bahlophehi.
13 Ya kgopo o nyedisetsang Modimo,
ka pelong ya hae a re:
“A ke ke a phetetsa?”
14 Athe wena o bona bomadimabe
le mahlomola;
o a di lemoha, mme o a di laola.
Ya tsielehileng o tshepile wena,
ke wena mothusi wa dikgutsana.
15 Robokela ya kgopo le e mobe,
o phetetse bokgopo ba hae
bo fele tu!
16 Morena ke kgosi kamehla le mehla,
baditjhaba ba fedile naheng ya hae.
17 Morena, o utlwile takatso
tsa ba eisehang,
o ba matlafatsa dipelo,
o ba sekehela tsebe,
18 ho ahlolela kgutsana
le ya hatellwang,
hore motho wa lefatshe
a se hlole a tshosa ba bang.