Meedi ya naha ya Kanana
1 Morena a bua ho Moshe, a re:
2 “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: 3 “ 4 Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone. 5 Ho tloha Asamone moedi o tla thinyetsa molatswaneng wa Egepeta, o yo kgaotsa ka Lewatle. 6 “ 7 “ 8 ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade. 9 Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya. 10 “ 11 Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete. 12 Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ 13 Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase. 14 Morabe wa bana ba Rubene ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le morabe wa bana ba Gade ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba neilwe lefa la bona. 15 Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.” 16 Morena a bua ho Moshe, a re: 17 “Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune. 18 Morabeng o mong le o mong o tla nka kgosana e le nngwe ho arola naha, hore e be lefa. 19 Ana ke mabitso a banna bao: “Morabeng wa Juda e be Kalebe, mora wa Jefune; 20 morabeng wa bana ba Simeone e be Shemuele, mora wa Amihude; 21 morabeng wa Benjamine e be Eledade, mora wa Kiselone; 22 morabeng wa bana ba Dane e be kgosana Buki, mora wa Jogele. 23 Ho bana ba Josefa: morabeng wa bana ba Manase e be kgosana Haniele, mora wa Efode. 24 Morabeng wa bana ba Efraime e be kgosana Kemuele, mora wa Shifetane; 25 morabeng wa bana ba Sebulone e be kgosana Elesafane, mora wa Paranake; 26 morabeng wa bana ba Isakare e be kgosana Paletiele, mora wa Asane; 27 morabeng wa bana ba Ashere e be kgosana Ahihude, mora wa Shelomi; 28 morabeng wa bana ba Nafthali e be kgosana Pedahele, mora wa Amihude.” 29 Bana ke bona banna bao Morena a ileng a ba laela hore ba arolele bana ba Iseraele lefa, naheng ya Kanana.Mahosana a ikarabellang kabong ya naha