BAHEBERU 8

Moprista e Moholo wa selekane se setjha

1 Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong.

2 Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.

3 Moprista e mong le e mong e Moholo o beetswe ho nyehela ka dimpho le ka mahlabelo; ka baka leo, Moprista wa rona e Moholo le yena o tlameha ho ba le ho hong hoo a ka nyehelang ka hona.

4 Hoja o ne a le lefatsheng, e ne e ke ke ya eba moprista, kaha ho na le baprista ba bang ba nyehelang ka dimpho, ho ya ka Molao wa Moshe.

5 Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”

6 Jwale Jesu o neilwe bosebeletsi bo fetang ba bona, kaha e le mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se theilweng hodima ditshepiso tse ntle ho feta tsa pele.

7 Ha e ne e ba selekane sane sa pele se ne se sa nyatsehe, ho ka be ho sa ka ha hlokahala hore ho be le selekane sa bobedi.

8 Empa jwale Modimo o nyatsa setjhaba sa hae, ha a re:

“Bonang, matsatsi a a tla,

ho rialo Morena,

ao ka wona

ke tla etsa selekane se setjha,

ke se etse le ba ntlo ya Iseraele,

le ba ntlo ya Juda.

9 Ha se na ho tshwana

le selekane seo ke neng ke se etse

le baholoholo ba bona,

ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho,

ke ba ntsha naheng ya Egepeta.

Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa

selekaneng sa ka,

le nna ha ke a ka ka ba natsa,

ho rialo Morena.

10 Selekane seo ke tla se etsa

le ba ntlo ya Iseraele,

hoba matsatsi ao a fete,

ho rialo Morena, ke sena:

Ke tla kenya molao wa ka

maikutlong a bona,

ke o ngole

kahara dipelo tsa bona;

ke be Modimo wa bona,

bona e be setjhaba sa ka.

11 Motho ha a sa tla hlola

a ruta ya ahisaneng le yena,

leha e le ngwanabo,

a re:

hobane ba tla ntseba bohle,

ho tloha ho ya eisehang

ho isa ho ya hlomphehang.

12 Ke tla ba tshwarela

makgopo a bona,

ha ke sa tla hlola

ke hopola dibe tsa bona.”

13 Ha e le moo a bua ka selekane se setjha, ke hobane sa pele o se tsofaditse, mme ntho e tsofalang, e onelang, eba e haufi le ho fela.