BAHEBERU 1

Lentswe la Modimo le tla ka Mora wa hae

1 Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,

2 empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.

3 Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.

4 O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.

Mora o moholo ho feta mangeloi

5 Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona:

“O Mora wa ka,

kajeno ke o tswetse?”

“Kapa a re:

“Ke tla ba Ntatae,

le yena e be Mora wa ka?”

6 Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re:

“Mangeloi wohle a Modimo

a mo kgumamele.”

7 Ha e le ka mangeloi ho itswe:

“O etsa mangeloi a hae meya,

le basebeletsi ba hae

malakabe a mollo.”

8 Empa ka Mora ho itswe:

“Terone ya hao Modimo,

ke ya kamehla le mehla,

lere la hao la puso,

ke lere la toka.

9 O rata ho loka,

o hloile bokgopo;

kahoo Modimo,

Modimo wa hao,

o o tlotsitse ka ole ya thabo,

ho ena le balekane bohle ba hao.”

10 Hape ho itswe:

“Wena Morena,

tshimolohong o ne o hlole lefatshe,

mahodimo ke mosebetsi

wa diatla tsa hao.

11 Tsohle di tla timela,

empa wena o tla sala;

tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo.

12 O tla di phuthaphutha

jwaloka kobo,

mme di tla fetoha

jwaloka seaparo.

Empa wena haesale e le wena,

dilemo tsa hao

di ke ke tsa fela.”

13 Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona:

“Dula ka letsohong la ka le letona,

ho fihlela ke bea dira tsa hao

katlasa maoto a hao?”

14 Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?