AMOSE 9

Morena o ahlola Baiseraele

1 Ka bona Morena a eme pela aletare, a re:

“Pshatla hlooho tsa ditshiya,

dikosene di sisinyehe,

mathule a pshatlehele

hodima hlooho tsa bohle,

masalla wona

ke tla a bolaya ka sabole;

ha ho le ya mong ya tla baleha,

ha ho le ya mong ya tla phonyoha.

2 Leha ba ka phunyeletsa

ho ya fihla Nqalong ya Bafu,

tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo.

Leha ba ka nyolohela hodimo,

hodimo mahodimong,

le hona moo ke tla ba theola.

3 Leha ba ka ipata

tlhorong ya Karamele,

ke tla ba tsoma,

ke ba tshware hona moo.

Leha ba ka ipatela nna

ka mpeng ya lewatle,

ke tla laela kganyapa

e ba lomele hona moo.

4 Leha dira tsa bona di ka ba thopa,

ke tla laela hore ba bolaelwe moo,

ba bolaelwe hona moo ka sabole.

Ke rerile hore ke ba timetse,

e seng hore ke ba thusetse.”

5 Morena Modimo wa mabotho

o ama lefatshe,

a ame lefatshe, ebe le a qhibidiha,

bohle ba phelang ho lona

ebe ba a lla.

Naha yohle

e tla kokomoha jwaloka Nile,

e nto bohlela

jwaloka noka ya Egepeta.

6 Yena eo leaho la hae

le leng mahodimong,

metheo ya lona

o e hlomme hodima lefatshe;

yena ya bokellang metsi a lewatle,

a a bokelle,

a a tshollele hodima lefatshe;

lebitso la hae ke Morena.

7 “Na lona Baiseraele,

ho nna ha le ke Bakushe?”

ho rialo Morena.

“Na hase nna ya ileng

a le ntsha naheng ya Egepeta,

Bafilesita le bona

ka ba ntsha Kafatore,

Baarame bona

ka ba ntsha naheng ya Kire?

8 “Ruri Morena wa mabotho

o tadimile mmuso ona o kgopo.

Ke tla o timetsa

hodima lefatshe lohle,

empa ntlo ya Juda

nke ke ka e timetsa kaofela,”

ho rialo Morena.

9 “Nna ke tla fela ke etse taelo,

ntlo ya Iseraele ke e hlokole,

ke e hlokole hara ditjhaba tsohle,

ke e hlokole

sa koro e hlokolwa ka sefe,

empa ho se thollo le e nngwe

e welang fatshe.

10 Baetsadibe bohle ba setjhaba sa ka

ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole,

ho bolawe le bohlebohle ba reng:

e ke ke be ya re wela hodimo.> ”

Baiseraele ba tla kgutlela naheng ya bona

11 “Mohlang oo

ke tla tsosa ntlo ya Davida,

ntlo e seng e wele.

Dikgeo tsa marako a yona

ke tla di thiba,

dithako tsa yona

le tsona ke di tsose,

ke e hahe,

e ntjhafale sa mohla monene;

12 e le hore ba tle ba rue

masalla a Edomo,

le baditjhaba bohle

ba bitswang ka lebitso la ka,”

ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena.

13 “Matsatsi a a tla,”

ho rialo Morena,

“ao ka wona ya kotulang a tla siuwa,

ya kotulang a siuwe ke ya lemang;

ya jalang le yena o tla siuwa,

a siuwe ke ya tlhotlang morara.

Veine e ntjha e tla kolla dithabeng,

e phalle e kopotsa maralleng wohle.

14 Ke tla kgutlisa

tjhaba sa ka sa Iseraele,

ke kgutlise

tjhaba sa ka bothopuweng;

se tla tsosa metse e se e le masupi,

se e tsose, se phele ho yona.

Se tla lema dirapa tsa morara,

se di leme, se nwe veine ya wona;

se tla lema dirapa,

se je tholwana tsa tsona.

15 Ke tla tsitsisa Baiseraele

naheng ya bona,

ke ba tsitsise,

ba se hlole ba tloswa,

naheng eo ke ba abetseng yona,”

ho rialo Morena Modimo wa lona.