AMOSE 7

Amose o bontshwa ditsie

1 Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.

2 Ha ditsie di kokonne naha yohle, ke ile ka howeletsa, ka re: “Morena Modimo, hauhela Jakobo hle! A ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”

3 Yaba Morena o a hauha, o re:

“Sena se ke ke sa etsahala,”

ho rialo Morena.

Amose o bontshwa mollo

4 Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha.

5 Ke ha ke tla howeletsa, ke re: “Oho, Morena Modimo, ako kgaotse hle! Jakobo a ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”

6 Yaba Morena Modimo o a hauha, o re:

“Le sena se ke ke sa etsahala,”

ho rialo Morena Modimo.

Amose o bontshwa kgwele e lekanyang

7 Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae.

8 Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?”

Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.”

Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.

9 “Dibaka tsa borapedi tsa Isaka,

di tla heletswa,

le dihalalelo tsa Iseraele

di fetolwe masupi;

ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame,

ke e futuhele ka sabole ya ka.”

Amose le Amasiya

10 Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae.

11 Amose o bua tjena:

a bolawe ka sabole,

ruri Baiseraele ba tla thopuwa,

ba thopelwe hole,

hole le naha ya habo bona.> ”

12 Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele!

13 O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.”

14 Amose a araba Amasiya, a re: “Ke ne ke se moporofeta kapa mora wa moporofeta, empa ke ne ke le modisana, ke bile ke hlokomela difate tsa feiye.

15 Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna:

16 Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re:

thutong ya hao

o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.> ”

17 “Ka baka leo, Morena o bua tjena:

otla fetoha seotswa hara motse,

bara le baradi ba hao

ba bolawe ka sabole.

Naha ya heno e tla arolelwa basele,

wena o yo shwela naheng,

naheng e silafetseng.

Ruri Baiseraele ba tla thopuwa,

ba thopelwe hole,

hole le naha ya habo bona.> ”