Kahlolo ya Moabe
1 Morena o hua tjena:
“Baahi ha Moabe ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;
ba tjhesitse masapo,
masapo a kgosi ya Edomo,
ba a tjhesa a ba a fetoha molora!
2 Naha ya Moabe ke tla e tjhesa,
matlo a dikwele tsa Keriote
ke a timetse.
Moabe e tla timela ho le morusu,
ho le mokorotlo, ho lla lenaka.
3 Mmusi wa Moabe ke tla mo timetsa,
ke mmolaye
le mahosana a hae kaofela,”
ho rialo Morena.
Kahlolo ya Juda
4 Morena o bua tjena:
“Baahi ba Juda ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela.
Ba furaletse Molao wa Morena,
ha ba a boloka ditaelo tsa hae;
ba kgelositswe ke medingwana bona,
eo bo-ntata bona
ba neng ba e sebeletsa.
5 Naha ya Juda ke tla e tjhesa,
matlo a dikwele tsa Jerusalema
ke a timetse.”
Modimo o ahlola naha ya Iseraele
6 Morena o bua tjena:
“Baiseraele le bona ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela.
Ya lokileng ba mo rekisa tjhelete,
mofutsana ba mo rekise meqathatso.
7 Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho,
ba hatakelle
hlooho tsa bona leroleng,
batlatlapuwa ba ba hlokele toka.
Mora le ntatae ba kopanela seotswa,
bitso la ka le halalelang
ba le hlompholle jwalo.
8 Kathoko ho aletare tsohle
ba a robala,
ba robale ka kobo
tse beilweng paneng.
Ka Tempeleng ya Modimo wa bona
ba nwela veine
eo ba lefilweng ka yona.
9 Ke ne ke timetse Baamore
ba le thibetse tsela,
leha ba ne ba le balelele,
ba le balelele sa dikedare,
ba le matla sa difate tsa dieike.
Tholwana tsa bona ka di fedisa,
le metso ya bona ka e fothola.
10 Ke ne ke le ntshe,
ka le ntsha naheng ya Egepeta,
ka le ntsha,
ka le tsamaisa lehwatateng,
ka le tsamaisa
ka lemo tse mashome a mane,
ho ya le nea naha ya Baamore.
11 Hara bara ba lona
ka hlahisa baporofeta,
hara bahlankana ba lona
ka hlahisa bakgethwa.
Na ha ho jwalo,
lona tjhaba sa Iseraele?”
ho rialo Morena.
12 “Empa bakgethwa
le ba nwesitse veine,
la ba la hanela baporofeta,
la ba hanela ho porofeta.
13 “Bonang, ke tla le ripitla,
ke le pidile
sa koloi e qeqeketse haholo.
14 Ba lebelo ba ke ke ba phonyoha,
matla a diqhobane a ke ke a di thusa,
le mohlabani a ke ke a ipholosa.
15 Ya fulang ka motsu a ke ke a ema,
mohlabani ya lebelo
a ke ke a phonyoha,
le mopalami a ke ke a ipholosa.
16 Le bahale ba bahale ba tla baleha,
ba balehe ba le poosho
mohla tsatsi leo,”
ho rialo Morena.