2 DIKGOSI 21

Puso ya Manase, kgosi ya Juda

1 Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hefesiba.

2 A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.

3 A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa Baale; a etsa setshwantsho sa Ashera,jwalokaha Akabe, kgosi ya Iseraele, a ne a ile a etsa; a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa.

4 A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema.”

5 A hahela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi dialetare mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena.

6 A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.

7 Setshwantsho se betlilweng sa Ashera,seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema, eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumemellwa teng kamehla yohle.

8 Haeba Baiseraele ba ka hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka Molao wohle, oo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng wona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.”

9 Empa ha ba a ka ba mamela; Manase a ba kgelosa, mme ba etsa bobe bo fetang le ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.

10 Yaba Morena o bua ka bahlanka ba hae, baporofeta, o re:

11 “Manase, kgosi ya Juda, o entse manyala ana, o bile o entse le bokgopo bo fetang ba Baamore, ba bileng teng pele ho yena, mme o entse hore ba morabe wa Juda ba etse sebe ka ho rapela medingwana ena ya hae ya ditshwantsho.

12 Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena:

13 Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha.

14 Bao e leng masalla a setjhaba sa ka ke tla ba furalla, ke neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, ba fetohe batlatlapuwa le bathopuwa ba dira tsohle tsa bona,

15 hobane ba entse bobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisa ho tloha mohla bo-ntata bona ba tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno.> ”

16 Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.

17 Diketso tse ding tsa Manase, le sebe seo a ileng a se etsa, le tsohle tseo a di entseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

18 Manase a shwa, mme a epelwa tshimong e bitswang ya Usa, ya ntlo ya hae ya bokgosi. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.

Puso ya Amona, kgosi ya Juda

19 Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshulemete, moradi wa Haruse, wa motse wa Joteba.

20 Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.

21 A tsamaya mehlaleng yohle ya ntatae, a sebeletsa medingwana ya bohata, a e kgumamela, jwalokaha ntatae a ne a ile a e sebeletsa.

22 A furalla Morena Modimo wa bo-ntatae, a se ke a tsamaya ka tsela ya Morena.

23 Yaba bahlanka ba kgosi Amona ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.

24 Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera kgosi Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.

25 Diketso tse ding tsa Amona di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

26 Amona a epelwa lebitleng la hae, tshimong e bitswang ya Usa, mme Josiya, mora wa hae, a mo hlahlama.