Kgosi Hesekiya o kopa keletso ho moporofeta Esaya
1 Ha kgosi Hesekiya a utlwa ditaba tsena a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe, a kena ka Tempeleng ya Morena.
2 Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.
3 Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: 4 Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.> ” 5 Ha bahlanka ba kgosi Hesekiya ba fihla ho Esaya, 6 yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: 7 Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.> ” 8 Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena. 9 Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re: 10 “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: 11 O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang? 12 Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara? 13 E kae kgosi ya Hamate, le kgosi ya Arepade, le kgosi ya motse wa Sefarafaime, le ya Hena, le ya Ifa?> ” 14 Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena. 15 A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe. 16 Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang. 17 “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba le dinaha tsa tsona; 18 di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, mme ke kahoo e timeditsweng. 19 Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.” 20 Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele o bua tjena: 21 Morena o buile mantswe ana, malebana le Saneheribe: “ o o nyedisitse, a o ja tlepane; moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho. 22 O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke yena Ya Halalelang, wa Iseraele! 23 Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: “Ka tshwele la kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing. 24 Ka tjheka didiba, ka nwa metsi a baditjhaba, maoto a ka a pshesa melatswana yohle ya Egepeta.” 25 “ hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, o e timetse, e be masupi. 26 Baahi ba tsona ba fellwa ke matla, ba tsieleha, ba tsherehana; ba ba jwaloka jwang ba naha, ba ba jwaloka semela se setalana, jwaloka sehlethele sa jwang hodima ntlo, jwaloka koro e phutsang e eso tswale. 27 “ ke tseba mesebetsi ya hao le ho mpurumela ha hao. 28 Ke utlwile ho mpurumela ha hao, le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha, ke e kenye nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao. 29 “ Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa ona. 30 Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha, ho hlahe tlobo le letjha, a anafale, 31 Jerusalema ho tla ba le masalla, thabeng ya Sione ho be le ba phonyohileng, hona ho phethahatswa ke Morena, ka tjheseho.> 32 “Ka baka lena, Morena ha a bua ka kgosi ya Asiria o re: ya kena ho ona motse, e ke ke ya o fula ka motsu, kapa ya o futuhela e tshwere thebe, kapa ya o hahela marako a thibella. 33 E tla kgutla le mehlala ya yona, e ke ke ya kena ho ona motse,> ho rialo Morena. 34 ke o pholose, ke o pholosetse nna le mohlanka wa ka Davida.> ” 35 Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo. 36 Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife. 37 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.Baasiria ba sokela baahi ba Jerusalema hape
Esaya o romela molaetsa ho kgosi Hesekiya