1 DIKGOSI 20

Samaria e a futuhelwa

1 Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.

2 Yaba o romela maqosa ka motseng, ho Akabe, kgosi ya Iseraele, o re ho yena: “Bene-Hadade o bua tjena:

3

4 Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Jwalokaha o se o boletse, monga ka, kgosi ya ka, ke wa hao; le tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao.”

5 Maqosa a boela a tla, a re: “Bene-Hadade o bua tjena, o re:

6 hosasane, ka yona nako ena, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba tlo hlahloba ntlo ya hao, le matlo a bahlanka ba hao, mme ba inkele ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya bohlokwa ho wena, ba tsamaye ka yona.> ”

7 Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.”

8 Baholo bohle, le setjhaba sohle, ba re ho yena: “O se mamele letho, leha e le ho dumela letho.”

9 Ka baka leo, a re ho maqosa a Bene-Hadade: “Bolellang monga ka, kgosi, le re: ” Maqosa a tsamaya, a isa karabo.

10 Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, a ke keng wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”

11 Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Mmolelleng, le re:

12 Bo-Bene-Hadade le dikgosi ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong. Ha Bene-Hadade a utlwa molaetsa ona, a re ho bahlanka ba hae: “Theang theko!” Yaba ba thea theko, ba futuhela motse.

Samaria e a namolelwa

13 Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena:

14 Yaba Akabe o re: “E tla ba ka mang?”

Moporofeta a re: “Morena o bua tjena:

Akabe a re: “Ntwa e tla laolwa ke mang?”

Moporofeta a mo araba, a re: “Ke wena.”

15 Jwale Akabe a bala bahlanka ba mahosana a ditereke, mme a fumana ba le makgolo a mabedi le mashome a mararo a metso e mmedi. Kamorao ho moo a bala bahlabani bohle ba bana ba Iseraele, mme bona ya eba dikete tse supileng.

16 Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe.

17 Bahlankana ba mahosana a ditereke ba futuha pele.

Bene-Hadade a romela dihlwela, tsa tla mo tsebisa, tsa re: “Banna ba Samaria ba a tla!”

18 Yaba o re: “Ebang ba tla ka kgotso, kapa ba tla ka ntwa, le ba thope.”

19 Bahlankana bao ba mahosana a ditereke ba tswa motseng, bahlabani ba ba setse morao.

20 Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.

21 Yaba kgosi ya Iseraele e ikakgela ntweng, e hapa dipere le dikariki tsa ntwa, Baarame bona ya ba etsa mofela.

Arame e futuha kgetlo la bobedi

22 Jwale moporofeta a fihla ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Tsamaya, o yo hlopha mabotho a hao, o bone hore na o tla etsa jwang, hobane ha selemo se thwasa kgosi ya Arame e tla o futuhela.”

23 Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola.

24 Jwale etsa tjena: Tlosa dikgosi bolaoding, mme bakeng sa tsona o bee balaodi ba mabotho.

25 Kgobokanya mabotho a lekanang le a ileng a bolawa; dipere di be kaalo ka tsa pele, le dikariki tsa ntwa di be kaalo ka tsa pele. Re tla ba lwantshetsa phuleng, mme ruri re tla ba hlola.” Yaba o mamela seo ba se buang, mme a etsa jwalo.

26 Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele.

27 Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha.

28 Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena:

29 Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo.

30 Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.

31 Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Mamela mona; re utlwile hore dikgosi tsa Baiseraele ke dikgosi tse mohau; ka baka leo, re a o kopa: Re dumelle re itlame matheka ka masela a mahwashe, re qhake dihlooho tsa rona ka dithapo, re ye ho kgosi ya Iseraele, mohlomong e ka o qenehela.”

32 Yaba ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba qhaka dihlooho tsa bona ka dithapo, ba ya ho kgosi ya Iseraele, ba fihla ba re: “Mohlanka wa hao Bene-Hadade o re:

Yaba kgosi ya Iseraele e re: “O ntsa phela? Ke ngwaneso!”

33 Banna bao ba ba sedi haholo ho bona moo moya o fokelang teng, mme hanghang, ha ba bone, ba re: “E, ngwaneno Bene-Hadade!”

Yaba e re: “Tsamayang, le yo mo lata!” Bene-Hadade a fihla ho kgosi ya Iseraele, mme ya mo palamisa kariki ya yona ya ntwa.

34 Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.”

Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla.

Moporofeta o nyatsa Akabe

35 Ka taelo ya Morena, monna e mong wa sehlopha sa baporofeta a re ho molekane wa hae: “Nkotle ke a o rapela!” Empa monna eo a hana ho mo otla.

36 Yaba o re ho yena: “Kahobane ha wa hlompha taelo ya Morena, hanghang ha o tloha ho nna mona, tau e tla o bolaya.” Yare hanghang hoba a tlohe ho eo, tau ya kgahlana le yena, mme ya mmolaya.

37 A kgahlana le monna e mong hape, mme a re ho yena: “Nkotle, ke a o rapela!” Eo a mo otla, a mo ntsha maqeba.

38 Yaba moporofeta o a tsamaya, o emela kgosi tseleng, a ikgakantse ka ho itlama mahlo ka lesela.

39 Ha kgosi e feta a e howeletsa, a re: “Mohlanka wa hao o ne a ikakgetse moo ntwa e leng mahlomafubedu; yaba monna e mong o tswa hara theko, o ntlisetsa motho, o re ho nna:

40 Ha mohlanka wa hao a ntse a tshwere ka mona le ka mane, monna eo a nyamela.”

Kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Kahlolo ya hao e tla ba yona eo. Ke wena ya itheretseng yona.”

41 Jwale a potlakela ho itlamolla mahlo, mme kgosi ya Iseraele ya bona hore ke e mong wa baporofeta.

42 Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena:

43 Kgosi ya Iseraele ya ya tlung ya yona; ya fihla Samaria pelo ya yona e tetebetse, e tshwenyehile.