Dipolelo tsa Davida tsa ho qetela
1 Ha nako ya ho shwa ha Davida e se e atametse, a laya Solomone, mora wa hae, a re:
2 “Ke se ke ikela boyabatho. Eba sebete, o tshware senna.
3 Boloka ditaelo tsa Morena Modimo wa hao; o tsamaye ka ditsela tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditemoso tsa hae, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, e le hore o tle o atlehe dinthong tsohle tseo o di etsang, le hohle moo o yang teng.
4 Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re:
5 “Hape o tseba seo Joabe, mora wa Seruya, a neng a nketse sona; e leng seo a neng a se etse ho balaodi ba babedi ba mabotho a Iseraele, bo-Abinere, mora wa Nere, le Amasa, mora wa Jetere. O ne a ba bolaye, a tsholla madi nakong ya kgotso, jwalokaha eka ke ntweng. Ka hona madi ao a qaphaletsa leqhama le lethekeng la hae, le meqathatso e maotong a hae.
6 Ka baka leo, sebetsa ka bohlale ba hao, hore moriri wa hae o moputswa o se ke wa theohela Nqalong ya Bafu ka kgotso.
7 “Ha e le bana ba Barasilai wa Mogileade, bona o ba etse hantle, e be ba bang ba ba jang le wena, hobane ba ile ba nkgauhela ha ke ne ke baleha ngwaneno Abosalome.
8 “O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re:
9 Empa o se ke wa ba wa mo tshwarela. Kaha o motho ya bohlale, o so tla bona hore na o mo etsa jwang, hore moriri wa hae o moputswa o theohele Nqalong ya Bafu o le madi.”
Lefu la Davida
10 Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.
11 Nako eo Davida a ileng a busa Iseraele ka yona e bile dilemo tse supileng a le Heborone, le tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema, kaofela ya eba dilemo tse mashome a mane.
12 Solomone a dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tsitsa.
Adoniya o kopa ho newa Abishake
13 Adoniya, mora wa Hagite, a ya ho Batesheba, mma Solomone. Batesheba a re ho yena: “Na o tla ka kgotso?”
Adoniya a araba, a re: “Ke tla ka kgotso.”
14 Adoniya a boela a re: “Ke na le puonyana le wena.”
Batesheba a re: “Bua!”
15 Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.
16 Jwale ke kopa ntho e le nngwe: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.”
Batesheba a re ho yena: “Bua!”
17 Adoniya a re: “Ke a o rapela: Ako mpuele le kgosi Solomone, hobane ha a na ho o swetsa: o re a ke a mphe Abishake wa Moshuneme, e be mosadi wa ka.”
18 Batesheba a re: “Ho lokile, ke tla o buela le kgosi.”
19 Yaba Batesheba o ya ho kgosi Solomone, ho ya buella Adoniya. Kgosi ya ema ho mo amohela, ya mo obamela, ya dula teroneng ya yona, mma kgosi a fuwa setulo, mme a dula ka letsohong le letona ho kgosi.
20 Batesheba a re: “Ke na le koponyana e fokolang. Ke a o rapela: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.”
Kgosi ya re ho yena: “Kopa, mme, ha ke na ho o swetsa.”
21 Batesheba a re: “Ke kopa hore Abishake wa Moshuneme a newe Adoniya, ngwaneno, e be mosadi wa hae.”
22 Kgosi Solomone a araba, a re ho mmae: “Ke ka lebaka lang o kopang hore Adoniya a newe Abishake wa Moshuneme? Hoja wa hla wa mo kopela le wona mmuso, hobane ke moholwane wa ka; e bile le moprista Abiatare, le Joabe, mora wa Seruya, ke ba lehlakore la hae.”
23 Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena.
24 Ka Morena ya phelang, ya mpeileng, a ba a ntsitsisa teroneng ya ntate, ya Davida, ya ntheetseng lelapa, jwalokaha a ne a tshepise, hona kajeno lena Adoniya o tla bolawa.”
Lefu la Adoniya
25 Ka taelo ya kgosi Solomone, Benaya, mora wa Jehoyada, a hlaba Adoniya, a mmolaya.
Pheletso ya Abiatare le Joabe
26 Kgosi ya re ho moprista Abiatare: “Eya Anatote, ha hao. O lokela ho bolawa, empa kajeno o ke ke wa bolawa, hobane o ne o jara areka ya Morena Modimo, o etella pele ntate, Davida, mme o jarisana ditsietsi tsohle le yena.”
27 Yaba Solomone o tlosa Abiatare setulong sa boprista ba Morena, e le hore ho tle ho phethahale polelo ya Morena, e neng e porofetwe Shilo, mabapa le ntlo ya Eli.
28 Ha ditaba tsena di fihla ho Joabe, ya neng a le ka lehlakoreng la Adoniya, e seng ka ho la Abosalome, a balehela ka Tenteng ya Morena, a fihla a itshwarella ka manaka a aletare.
29 Kgosi Solomone a tsebiswa, ha thwe: “Joabe o balehetse ka Tenteng ya Morena, ke yane o eme haufi le aletare.”
Yaba Solomone o roma Benaya, mora wa Jehoyada, o re: “Tsamaya, o yo mmolaya!”
30 Benaya a kena ka Tenteng ya Morena, a fihla a re ho Joabe: “Kgosi e re:
Joabe a re: “Tjhe! Ke tla shwela hona mona!”
Benaya a kgutlisetsa karabo ho kgosi, a re: “Joabe o buile tjena, mme o nkarabile tjena.”
31 Kgosi ya re ho yena: “Etsa jwalokaha a o boleletse. O mmolaye, o be o mo epele. Ka tsela ena, nna le ba lelapa leso, o tla be o re ntshitse molatong wa madi ao Joabe a a tsholotseng ntle ho lebaka.
32 Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.
33 Madi a bona a tla phetetswa ka hlooho ya Joabe, le ka ditloholo tsa hae kamehla yohle. Empa Morena o tla sitsa Davida, le ditloholo tsa hae, le lelapa la hae, le terone ya hae, ka kgotso ya kamehla.”
34 Yaba Benaya, mora wa Jehoyada, o a ya, o fihla a phehletsa Joabe, a mmolaya. Joabe a epelwa hahabo, pela lehwatata.
35 Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare.
Shimei o laelwa ho dula Jerusalema
36 Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Ikgahele ntlo Jerusalema, o dule teng, mme o se ke wa tloha wa ya kae kapa kae.
37 Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.”
38 Shimei a re ho kgosi: “O bua hantle; mohlanka wa hao o tla phethisa jwalokaha monga ka, kgosi ya ka, a laetse.” Shimei a dula Jerusalema nako e telele.
Shimei o tlola taelo ya kgosi
39 Kamora dilemo tse tharo, bahlanka ba babedi ba Shimei ba thobela ho Akishe, mora wa Maaka, kgosi ya Gate. Yaba ho bolellwa Shimei, ho thwe: “Hela! bahlanka ba hao ba thobetse Gate!”
40 Shimei a ema, a qhaneha tonki ya hae, a ya Gate, ho Akishe, ho ya batla bahlanka ba hae. A tsamaya, a ya lata bahlanka ba hae Gate.
Lefu la Shimei
41 Solomone a bolellwa hore Shimei o ile a tloha Jerusalema, a ya Gate, a ba a kgutla.
42 Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Na ha ke a ka ka o hlapantsha ka lebitso la Morena, ka ba ka o tiisetsa, ka re:
43 Jwale ke ka lebaka lang o sa kang wa boloka kano eo o neng o e etse ka lebitso la Morena, le taelo eo ke o laetseng yona?”
44 Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.
45 Kgosi Solomone yena o tla hlohonolofatswa, mme Morena o tla tiisa terone ya Davida kamehla yohle.”
46 Ka taelo ya kgosi, Benaya, mora wa Jehoyada, a rutlolohela Shimei, a mmolaya.
Jwale mmuso wa Solomone wa tiya.